Matheu 13:29-45 BIBELE (SSO89SO)

29. “A re: <Tjhe, esere ha le fothola mofoka la fotholella le koro.

30. Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.> ”

31. Jesu a ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka, a e jala tshimong ya hae.

32. Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.”

33. A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”

34. Tseo tsohle Jesu a di bolella matshwele ka ditshwantsho, mme o ne a sa a bolelle letho haese ka ditshwantsho;

35. e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re:“Ke tla bua le bonaka ditshwantsho,ke bolele tse neng di patehilehaesale fatshe le thewa.”

36. Yaba Jesu o tloha hara matshwele, o kena ka tlung. Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Ako re qaqisetse setshwantsho sa mofoka o tshimong.”

37. A ba araba, a re: “Ya jalang peo e ntle ke Mora Motho.

38. Tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bao e leng bana ba Mmuso wa Modimo, mofoka ke bana ba E Mobe.

39. Sera se o jetseng ke Diabolosi. Kotulo ke bofelo ba mehla ya jwale; bakotudi ke mangeloi.

40. “Jwalokaha mofoka o ye o fotholwe, o tjheswe mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale.

41. Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;

42. a tla ba lahlela seboping sa mollo, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.

43. Mohlang oo ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi Mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe a utlwe.

44. “Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo.

45. “Hape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le mohwebi ya batlang mabenyane a bohlokwa,

Matheu 13