Matheu 13:25-38 BIBELE (SSO89SO)

25. Yare ha ho robetswe, sera sa hae sa tla, sa jala mofoka hara koro, mme sa ikela.

26. Ha lekgaba le se le metse, le bile le tswetse, mofoka le wona wa bonahala.

27. “Basebeletsi ba monga tshimo ba tla ho yena, ba re: <Monghadi, na o ne o sa jala peo e ntle tshimong ya hao? Jwale mofoka o tswa kae?>

28. “A re ho bona: <Hono ho entswe ke sera.>“Basebeletsi ba re ho yena: <Jwale na o rata hore re yo o fothola?>

29. “A re: <Tjhe, esere ha le fothola mofoka la fotholella le koro.

30. Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.> ”

31. Jesu a ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka, a e jala tshimong ya hae.

32. Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.”

33. A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”

34. Tseo tsohle Jesu a di bolella matshwele ka ditshwantsho, mme o ne a sa a bolelle letho haese ka ditshwantsho;

35. e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re:“Ke tla bua le bonaka ditshwantsho,ke bolele tse neng di patehilehaesale fatshe le thewa.”

36. Yaba Jesu o tloha hara matshwele, o kena ka tlung. Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Ako re qaqisetse setshwantsho sa mofoka o tshimong.”

37. A ba araba, a re: “Ya jalang peo e ntle ke Mora Motho.

38. Tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bao e leng bana ba Mmuso wa Modimo, mofoka ke bana ba E Mobe.

Matheu 13