Matheu 13:19-32 BIBELE (SSO89SO)

19. Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng.

20. Peo e jetsweng mokurutlaneng ke ya utlwang lentswe, a phakise a le amohele ka thabo,

21. empa ha a na metso ka ho yena, ke motho ya mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la Lentswe la Modimo, o phakisa ho kweneha.

22. Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.

23. Peo e jetsweng mobung o motle ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisise. Enwa ke yena ya behang tse lekgolo, kapa tse mashome a tsheletseng, kapa tse mashome a mararo.”

24. Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae.

25. Yare ha ho robetswe, sera sa hae sa tla, sa jala mofoka hara koro, mme sa ikela.

26. Ha lekgaba le se le metse, le bile le tswetse, mofoka le wona wa bonahala.

27. “Basebeletsi ba monga tshimo ba tla ho yena, ba re: <Monghadi, na o ne o sa jala peo e ntle tshimong ya hao? Jwale mofoka o tswa kae?>

28. “A re ho bona: <Hono ho entswe ke sera.>“Basebeletsi ba re ho yena: <Jwale na o rata hore re yo o fothola?>

29. “A re: <Tjhe, esere ha le fothola mofoka la fotholella le koro.

30. Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.> ”

31. Jesu a ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka, a e jala tshimong ya hae.

32. Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.”

Matheu 13