1. Hona tsatsing leo Jesu a tswa ka tlung, a ya dula pela letsha.
2. Matshweletshwele a mo kgobokanela, hoo a bileng a kena ka sekepeng; a dula teng, letshwele lohle le le lebopong.
3. A le bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re:“Mojadi o ile a tswa ho ya jala.
4. Ha a ntsa jala, peo e nngwe ya wela ka tseleng, mme dinonyana tsa tla, tsa e ja.
5. E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata. Ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba,
6. empa hoba letsatsi le tjhabe, la e tjhesa, ya omella, hobane metso e ne e sa teba.
7. E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya e bipetsa.
8. Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, mme ya beha: E nngwe tse lekgolo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse mashome a mararo.
9. “Ya nang le ditsebe a utlwe.”
10. Barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang o buang le bona ka ditshwantsho?”