37. hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, kapa o tla ahlolwa ka dipolelo tsa hao.”
38. Yaba tse ding tsa Ditsebi tsa Molao le ba bang ba Bafarisi ba a araba, ba re: “Moruti, re rata ho bona sesupo se tswang ho wena.”
39. Jesu a ba araba, a re: “Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa moporofeta Jonase.
40. Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
41. Mohla kahlolo batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ya fetang Jonase.
42. Mohla kahlolo Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose moloko ona, a o ahlole, hobane o ile a tloha dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ya fetang Solomone.
43. “Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o e fumane.
44. Ebe o re: <Ke tla kgutlela tlung ya ka, moo ke tswileng teng.> Jwale ha o fihla, o e fumana e le lephaka, e fietswe, e kgabisitswe.
45. Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.”
46. Ha Jesu a ntse a bua le matshwele, mmae le bana babo Jesu ba ne ba eme kantle, ba batla ho bua le yena.
47. Motho e mong a re ho yena: “Mmao le bana beno ke bana ba eme kantle, ba batla ho bua le wena.”
48. Empa Jesu a araba ya mmolellang, a re: “Mme ke mang? Bana beso ke bo-mang?”
49. Yaba o otlolella letsoho ho barutuwa ba hae, o re: “Bonang! Mme le bana beso ke bana.
50. Mang kapa mang ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena eo e leng ngwaneso, le kgaitsedi, le mme.”