Matheu 12:35-45 BIBELE (SSO89SO)

35. Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe.

36. Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo,

37. hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, kapa o tla ahlolwa ka dipolelo tsa hao.”

38. Yaba tse ding tsa Ditsebi tsa Molao le ba bang ba Bafarisi ba a araba, ba re: “Moruti, re rata ho bona sesupo se tswang ho wena.”

39. Jesu a ba araba, a re: “Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa moporofeta Jonase.

40. Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.

41. Mohla kahlolo batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ya fetang Jonase.

42. Mohla kahlolo Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose moloko ona, a o ahlole, hobane o ile a tloha dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ya fetang Solomone.

43. “Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o e fumane.

44. Ebe o re: <Ke tla kgutlela tlung ya ka, moo ke tswileng teng.> Jwale ha o fihla, o e fumana e le lephaka, e fietswe, e kgabisitswe.

45. Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.”

Matheu 12