Matheu 12:26-40 BIBELE (SSO89SO)

26. Haeba Satane a leleka Satane, o ikarotse, o a itwantsha; ha ho le jwalo mmuso wa hae o ka tiya jwang?

27. Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona.

28. Empa haeba ke leleka bademona ka Moya wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.

29. “Kapa motho a ka kena jwang ka tlung ya seqhobane, a hapa thepa ya sona, haeba a sa tlama seqhobane seo pele, e be hona a hapang thepa yohle ya ntlo?

30. “Ya sa emang le nna o a ntwantsha, mme ya sa bokelleng le nna o a qhalanya.

31. Ka baka leo, ke a le bolella, batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le nngwe, empa ha e le nyefolo e nyefolang Moya o Halalelang, ba ke ke ba e tshwarelwa.

32. Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.

33. “Haeba sefate se le monate, le ditholwana tsa sona di monate, empa haeba sefate se le sebe, le ditholwana sa sona di mpe, hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.

34. Lona madinyane a marabe, le ka bolela jwang tse lokileng le le kgopo tjee? Molomo o bolela se tletseng ka pelong.

35. Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe.

36. Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo,

37. hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, kapa o tla ahlolwa ka dipolelo tsa hao.”

38. Yaba tse ding tsa Ditsebi tsa Molao le ba bang ba Bafarisi ba a araba, ba re: “Moruti, re rata ho bona sesupo se tswang ho wena.”

39. Jesu a ba araba, a re: “Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa moporofeta Jonase.

40. Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.

Matheu 12