25. Ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, mme ha ho motse kapa lelapa le ikarolang ho itwantsha le ka tiyang.
26. Haeba Satane a leleka Satane, o ikarotse, o a itwantsha; ha ho le jwalo mmuso wa hae o ka tiya jwang?
27. Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona.
28. Empa haeba ke leleka bademona ka Moya wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.
29. “Kapa motho a ka kena jwang ka tlung ya seqhobane, a hapa thepa ya sona, haeba a sa tlama seqhobane seo pele, e be hona a hapang thepa yohle ya ntlo?