Matheu 12:14-27 BIBELE (SSO89SO)

14. Bafarisi ba tswa, ba rera kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.

15. Ha Jesu a tsebile hoo, a tloha moo. Batho ba bangata ba mo latela, mme a ba fodisa bohle,

16. a ba laya hore ba se ke ba etsa hore a tsejwe;

17. e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re:

18. “Bonang, mohlanka wa kaeo, ke mo kgethileng ke eo,moratuwa wa ka ya nkgahlang!Ke theoletse Moya wa kahodima hae,o tla tlisetsa ditjhaba toka.

19. A ke ke a nganga,leha e le ho peroha,lentswe la haele ke ke la utlwahala diterateng.

20. A ke ke a roba lehlakale tenyetsehileng,le lebone le taitsanga ke ke a le tima,ho fihlela a etsa hore toka e hlole.

21. Ditjhaba di tla tshepa,di tshepe lebitso la hae.”

22. Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona.

23. Matshwele kaofela a hlollwa, a re: “Na eo hase Mora Davida?”

24. Empa Bafarisi, ha ba utlwa hona, ba re: “Enwa ha a leleke bademona, haese ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”

25. Ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, mme ha ho motse kapa lelapa le ikarolang ho itwantsha le ka tiyang.

26. Haeba Satane a leleka Satane, o ikarotse, o a itwantsha; ha ho le jwalo mmuso wa hae o ka tiya jwang?

27. Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona.

Matheu 12