Matheu 12:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka nako eo, Jesu a feta hara masimo a koro e le ka Sabatha. Barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga matshohlo, ba a ja.

2. Yare ha Bafarisi ba bona hona ba re ho yena: “Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellwang ka Sabatha.”

3. A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona;

4. kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme ba ja bohobe bo halalelang, e leng boo yena le bao a neng a ena le bona ba neng ba sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela?

5. Kapa na ha le a ka la bala Molaong hore baprista ba tlola molao wa Sabatha Tempeleng ka Disabatha, empa ha ba na molato?

6. Ke a le bolella, mona ho teng ho fetang Tempele ka boholo.

7. Hoja le ne le tsebile hore na ke ho reng ha ho thwe: <Ke thabela mohau, e seng sehlabelo,> le ka be le sa ka la ahlola ba se nang molato.

8. Mora Motho ke morena wa Sabatha.”

9. Jesu ha a tloha moo a kena ka tlung ya bona ya thapelo.

10. Ho ne ho le teng motho ya shweleng letsoho. Hore ba tle ba qose Jesu, Bafarisi ba mmotsa, ba re: “Na ho a dumelleha ho fodisa batho ka Sabatha?”

11. A re ho bona: “Ekaba ke mang ho lona, ya nang le nku e le nngwe, eo ekareng ha e wetse ka lenkwaneng ka Sabatha, a ke keng a e tshwara, a e nyolla?

12. Ha ho le jwalo, motho o feta nku hakaakang ka bohlokwa! Ka baka leo, ho a dumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha.”

13. Yaba o re ho motho eo: “Otlolla letsoho la hao!”A le otlolla, la fola, mme la boela la loka jwaloka le leng.

14. Bafarisi ba tswa, ba rera kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.

Matheu 12