Matheu 11:9-20 BIBELE (SSO89SO)

9. Ehlile le ne le ilo bona eng? Le ilo bona moporofeta? E, ke a le bolella, e moholo le ho feta moporofeta.

10. Ke eo ho ngotsweng ka yena, ha thwe:“ <Ke romela leqosa la ka ke leo,le tla o etella pele,le o lokisetse tsela.>

11. “Ruri ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho eso hlahe ya fetang Johanne Mokolobetsi ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o mo feta ka boholo.

12. Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho fihlela jwale, Mmuso wa mahodimo o nnile wa futuhelwa ka matla, mme ba dikgoka ba a o hapa.

13. Baporofeta bohle hammoho le Molao ba nnile ba porofeta ho fihlela ho Johanne,

14. mme ha le ka kgolwa taba eo, Johanne ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla.

15. Ya nang le ditsebe a utlwe!

16. “Jwale moloko oo ke tla o tshwantsha le eng? O tshwana le bana ba dutseng mabaleng a metse, ba howeletsana,

17. ba re:“ <Re le letseditse diletsa,empa ha le a ka la etsa motjeko!Re le binetse kodi-ya-malla,empa ha le a ka la lla!>

18. “Etswe Johanne o ile a tla a sa je, a sa nwe, yaba ho thwe: <O na le modemona.>

19. Mora Motho yena o tlile a eja, a enwa, yaba ho thwe: <Motho enwa ke monyollo le senwi sa veine, ke motswalle wa balekgetho le baetsadibe.> Empa bohlale bo netefatswa ke mesebetsi ya bona.”

20. Yaba o qala ho nyatsa metse eo a neng a entse bongata ba diketso tsa hae tse hlollang ho yona, kahobane ha e a ka ya baka.

Matheu 11