7. Hoba baromuwa bao ba tsamaye, Jesu a qala ho bua le matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?
8. Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba matlung a mahosi.
9. Ehlile le ne le ilo bona eng? Le ilo bona moporofeta? E, ke a le bolella, e moholo le ho feta moporofeta.
10. Ke eo ho ngotsweng ka yena, ha thwe:“ <Ke romela leqosa la ka ke leo,le tla o etella pele,le o lokisetse tsela.>
11. “Ruri ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho eso hlahe ya fetang Johanne Mokolobetsi ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o mo feta ka boholo.
12. Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho fihlela jwale, Mmuso wa mahodimo o nnile wa futuhelwa ka matla, mme ba dikgoka ba a o hapa.
13. Baporofeta bohle hammoho le Molao ba nnile ba porofeta ho fihlela ho Johanne,
14. mme ha le ka kgolwa taba eo, Johanne ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla.
15. Ya nang le ditsebe a utlwe!
16. “Jwale moloko oo ke tla o tshwantsha le eng? O tshwana le bana ba dutseng mabaleng a metse, ba howeletsana,
17. ba re:“ <Re le letseditse diletsa,empa ha le a ka la etsa motjeko!Re le binetse kodi-ya-malla,empa ha le a ka la lla!>