Matheu 11:26-30 BIBELE (SSO89SO)

26. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.

27. “Tsohle ke di neetswe ke Ntate, mme ha ho ya tsebang Mora haese Ntate, hape ha ho ya tsebang Ntate haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.

28. “Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.

29. Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo.

30. Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.”

Matheu 11