22. Empa ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa Tire le Sidone di tla mamelleha ho feta tsa lona.
23. Na le wena Kaperenauma,“ebe o tla phahamisetswalehodimong?O tla theohela tlase lebitleng!“Hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahare ho wena di ne di entswe kahara Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno-ya-bokajeno.
24. Empa ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa naha ya Sodoma di tla mamelleha ho feta tsa hao.”
25. Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.
26. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.
27. “Tsohle ke di neetswe ke Ntate, mme ha ho ya tsebang Mora haese Ntate, hape ha ho ya tsebang Ntate haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.