20. Yaba o qala ho nyatsa metse eo a neng a entse bongata ba diketso tsa hae tse hlollang ho yona, kahobane ha e a ka ya baka.
21. A re: “O madimabe, wena Korasine! O madimabe, wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba itshetse ka molora.
22. Empa ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa Tire le Sidone di tla mamelleha ho feta tsa lona.
23. Na le wena Kaperenauma,“ebe o tla phahamisetswalehodimong?O tla theohela tlase lebitleng!“Hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahare ho wena di ne di entswe kahara Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno-ya-bokajeno.