Matheu 11:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Yare ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho phatlalatsa molaetsa o molemo metseng ya habo bona.

2. Johanne ha a le ditlamong a utlwa tsa mesebetsi ya Kreste. A roma barutuwa ba hae

3. ho mmotsa: “Na ke wena ya tlang, kapa re lebelle e mong?”

4. Jesu a ba araba, a re: “Eyang, le phetele Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang:

5. Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.

6. Ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ka baka la ka!”

7. Hoba baromuwa bao ba tsamaye, Jesu a qala ho bua le matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?

8. Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba matlung a mahosi.

9. Ehlile le ne le ilo bona eng? Le ilo bona moporofeta? E, ke a le bolella, e moholo le ho feta moporofeta.

10. Ke eo ho ngotsweng ka yena, ha thwe:“ <Ke romela leqosa la ka ke leo,le tla o etella pele,le o lokisetse tsela.>

11. “Ruri ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho eso hlahe ya fetang Johanne Mokolobetsi ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o mo feta ka boholo.

Matheu 11