Matheu 10:23-42 BIBELE (SSO89SO)

23. Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle.

24. “Morutuwa ha a kahodimo ho moruti wa hae, le lekgoba ha le kahodimo ho monga lona.

25. Ho lekane ho morutuwa hore a be jwaloka moruti wa hae, le lekgoba jwaloka monga lona. Ha monga ntlo a bitswa Beele-Sebule, ba ntlo ya hae bona ba tla bitsollwa hampe hakaakang!

26. “Ka baka leo, le se ke la ba tshaba, hobane ha ho letho le kwahetsweng le ke keng la kwahollwa, le le patilweng le ke keng la tsejwa.

27. Seo ke le bolellang sona lefifing, le se phete leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa, le se phatlalatse le le hodima dihlohlolo.

28. Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.

29. O ka reka dirobele tse pedi ka sente, empa ha ho le se seng se ka welang fatshe Ntata lona a sa tsebe.

30. Ha e le lona, esita le diqoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela.

31. Kahoo le se ke la tshaba; lona le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.

32. “Mang le mang ya mpakang pela batho, le nna ke tla mo paka pela Ntate ya mahodimong,

33. empa ya ntatolang pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.

34. “Le se ke la hloma eka ke tlisitse kgotso lefatsheng; ha ke a tlisa kgotso, ke tlisitse sabole.

35. “Ke tlile ho qabanyamora le ntatae,moradi le mmae,ngwetsi le matsalayo,

36. mme ba ntlo ya mothoe tla ba dira tsa hae.

37. “Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele,

38. mme ya sa nkeng sefapano sa hae a ntatela ha a ntokele.

39. Ya qenehelang bophelo ba hae bo tla mo senyehela, athe ya senyehelwang ke bophelo ka baka la ka o tla bo fumana.

40. “Ya le amohelang o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng.

41. Ya amohelang moporofeta kahobane e le moporofeta, o tla fumana moputso wa moporofeta, mme ya amohelang ya lokileng kahobane e le ya lokileng, o tla fumana moputso wa ya lokileng.

42. Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”

Matheu 10