1. Hoba Jesu a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le a ho fodisa mafu le malwetse wohle.
2. Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana: wa pele ke Simone ya bitswang Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le
3. Filipi le Baretholome, le Thomase le Matheu molekgetho, le Jakobo mora wa Alefiose le Thadaose, le
4. Simone Motjhesehi le Judase Isekariota, ya bileng a eka Jesu.
5. Jesu a roma bao ba leshome le metso e mmedi, a ba laela, a re: “Le se ke la ya dinaheng tsa bahedene, leha e le ho kena metseng ya Basamaria;
6. le mpe le ye dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele.
7. Le ye, le ntse le phatlalatsa, le re: <Mmuso wa mahodimo o atametse.>
8. Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela.
9. Le se ke la nka tjhelete ya kgauta, ya silefera, kapa ya lethose dipatjheng tsa lona.
10. Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.
11. “Motseng kapa motsaneng ofe le ofe oo le kenang ho wona, le batle ya ka le amohelang, mme le hlole teng ho fihlela le tloha.
12. Ha le kena ka tlung, le dumedise;
13. haeba ntlo eo e hlile e lokela, kgotso ya lona e be ho yona; athe ha e sa lokele, kgotso ya lona e kgutlele ho lona.