Matheu 1:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Eleude a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Matane, Matane a tswala Jakobo,

16. Jakobo a tswala Josefa, mohatsa Maria, mosadi ya ileng a tswala Jesu ya bitswang Kreste.

17. Ha ho le jwalo, meloko yohle, ho tloha ho Aborahama ho isa ho Davida e bile leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa nakong ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona, meloko e leshome le metso e mene; mme ho tloha nakong ya ho fallisetswa ha bona Babilona ho isa ho Kreste, meloko e leshome le metso e mene.

18. Tswalo ya Jesu Kreste e bile jwaana: Mmae Maria, ha a se a lebeleditswe ke Josefa, ba eso ka ba phela mmoho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moya o Halalelang.

19. Erekaha Josefa, mohatsa Maria, a ne a lokile, mme a sa rate ho mo hobosa, a rera ho mo hlala ka lekunutu.

20. Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang;

21. o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”

22. Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:

23. “Bonang, morwetsana o tla emola,a tswale mora,mme mora eo o tla rewalebitso la Emmanuele,”e leng ho re: Modimo o na le rona.

24. Ha Josefa a tsoha borokong, a etsa kamoo lengeloi la Morena le mo laetseng kateng, a inkela mohatsa hae;

25. mme ha a a ka a kena dikobong tsa hae ho fihlela a beleha mora; Josefa a mo rea lebitso la Jesu.

Matheu 1