Mareka 9:8-20 BIBELE (SSO89SO)

8. Hanghang ha ba qamaka, ba se ke ba bona motho ya nang le bona haese Jesu feela.

9. Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya hore ba se ke ba phetela motho tseo ba di boneng, haese ha Mora Motho a se a tsohile bafung.

10. Ba mamela taelo eo, ba ntse ba ipotsa hore na ho tsoha bafung ke ho reng.

11. Ba mmotsa, ba re: “Ke hobaneng ha Ditsebi tsa Molao di re, Elia eka kgona a tle pele?”

12. A re ho bona: “Ehlile Elia o tla tla pele ho busetsa dintho tsohle madulong; athe ho ngotswe jwang ka Mora Motho hore o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, le ho nyediswa?

13. Empa ke a le bolella: Elia o ile a tla, mme ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng, jwalokaha ho ngotswe ka yena.”

14. Ha ba fihla ho barutuwa, ba bona letshwelehadi le ba teetse hare, le Ditsebi tsa Molao di phea kgang le bona.

15. Hanghang ha letshwele lohle le bona Jesu, la makala haholo, mme la mathela ho yena, la mo dumedisa.

16. A ba botsa, a re: “Ke eng eo le pheang kgang ka yona le bona?”

17. E mong wa ba letshwele a mo araba, a re: “Moruti, ke tlisitse mora wa ka ya nang le moya o semumu ho wena.

18. Kae le kae moo o mo tshwarang, o mo tabanya fatshe, a kgethetse makweba, a tsikitlanye meno, a satalle. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba ile ba hloleha.”

19. A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!”

20. Ba mo tlisa ho yena. Hanghang ha moya o bona Jesu, wa tsukutla ngwana habohloko, mme a wela fatshe a thakginya, a ntse a kgethetsa makweba.

Mareka 9