Mareka 9:34-47 BIBELE (SSO89SO)

34. Ba kgutsa, hobane ba ne ba ile ba pheisana kgang tseleng ka ho re na e moholo ke ofe.

35. Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”

36. A nka ngwana, a mo emisa kapele ho bona, mme hoba a mo sike, a re ho bona:

37. “Mang le mang ya amohelang e mong wa bana ba jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, ha a amohele nna, empa o amohela ya nthomileng.”

38. Johanne a re ho yena: “Moruti, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, hobane a sa re latele.”

39. Jesu a re: “Le se ke la mo thibela, kahobane ha ho ya ka etsang ketso e hlollang ka lebitso la ka, ebe a ka phakisa a mpua hampe,

40. hobane ya sa re lwantsheng o eme le rona.

41. Kannete ke a le bolella, mang le mang ya le fang mohope wa metsi kahobane le le ba Kreste, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.

42. “Mang le mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, mme a lahlelwa lewatleng.

43. Haeba letsoho la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane, ho ena le ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi,

44. moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng.

45. Haeba leoto la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le kotwane, ho ena le ho lahlelwa diheleng o ena le maoto a mabedi,

46. moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng.

47. Haeba leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye; ho molemo ho wena ho kena Mmusong wa Modimo o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa diheleng o le mahlo a mabedi,

Mareka 9