Mareka 9:29-41 BIBELE (SSO89SO)

29. A re ho bona: “Mofuta ona ha o tswe haese ka thapelo.”

30. Ba tloha moo, mme ba haola Galelea. Jesu o ne a sa rate ha ho ka tseba motho,

31. hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a ba bolella, a re: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya; ha a se a bolailwe, o tla tsoha bafung kamora matsatsi a mararo.”

32. Ba se ke ba utlwisisa polelo eo, empa ba tshaba ho mmotsa.

33. Ba fihla Kaperenauma. Jesu ha a le ka tlung, a ba botsa, a re: “Le ne le pheisana kgang ya eng tseleng?”

34. Ba kgutsa, hobane ba ne ba ile ba pheisana kgang tseleng ka ho re na e moholo ke ofe.

35. Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”

36. A nka ngwana, a mo emisa kapele ho bona, mme hoba a mo sike, a re ho bona:

37. “Mang le mang ya amohelang e mong wa bana ba jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, ha a amohele nna, empa o amohela ya nthomileng.”

38. Johanne a re ho yena: “Moruti, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, hobane a sa re latele.”

39. Jesu a re: “Le se ke la mo thibela, kahobane ha ho ya ka etsang ketso e hlollang ka lebitso la ka, ebe a ka phakisa a mpua hampe,

40. hobane ya sa re lwantsheng o eme le rona.

41. Kannete ke a le bolella, mang le mang ya le fang mohope wa metsi kahobane le le ba Kreste, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.

Mareka 9