Mareka 9:26-34 BIBELE (SSO89SO)

26. Wa bokolla, wa mo tsukutla habohloko, mme wa tswa; ngwana a ba jwaloka setopo, hoo ba bangata ba ileng ba re o shwele.

27. Empa Jesu a mo tshwara ka letsoho, a mo tsosa, mme a ema.

28. Ha a fihla ka tlung, barutuwa ba hae ba mmotsa boinotshing, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho o leleka?”

29. A re ho bona: “Mofuta ona ha o tswe haese ka thapelo.”

30. Ba tloha moo, mme ba haola Galelea. Jesu o ne a sa rate ha ho ka tseba motho,

31. hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a ba bolella, a re: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya; ha a se a bolailwe, o tla tsoha bafung kamora matsatsi a mararo.”

32. Ba se ke ba utlwisisa polelo eo, empa ba tshaba ho mmotsa.

33. Ba fihla Kaperenauma. Jesu ha a le ka tlung, a ba botsa, a re: “Le ne le pheisana kgang ya eng tseleng?”

34. Ba kgutsa, hobane ba ne ba ile ba pheisana kgang tseleng ka ho re na e moholo ke ofe.

Mareka 9