15. Hanghang ha letshwele lohle le bona Jesu, la makala haholo, mme la mathela ho yena, la mo dumedisa.
16. A ba botsa, a re: “Ke eng eo le pheang kgang ka yona le bona?”
17. E mong wa ba letshwele a mo araba, a re: “Moruti, ke tlisitse mora wa ka ya nang le moya o semumu ho wena.
18. Kae le kae moo o mo tshwarang, o mo tabanya fatshe, a kgethetse makweba, a tsikitlanye meno, a satalle. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba ile ba hloleha.”
19. A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!”
20. Ba mo tlisa ho yena. Hanghang ha moya o bona Jesu, wa tsukutla ngwana habohloko, mme a wela fatshe a thakginya, a ntse a kgethetsa makweba.
21. Jesu a botsa ntata ngwana: “E se e le nako e kae a hlahetswe ke hoo?”A re: “Ho tloha bongwaneng ba hae;
22. o atisa ho mo lahlela mollong le metsing, hore o tle o mo timetse, empa haeba o ka etsa ho hong, re hauhele, mme o re thuse.”
23. Jesu a re ho yena: “O re, <haeba o ka etsa!> Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”
24. Yaba ntata ngwana o a howa, o re: “Ke a dumela; thusa ho hloka tumelo ha ka!”
25. Ha Jesu a bona hore letshwele le mathela ho yena, a kgalemela moya o ditshila ka matla, a re ho wona: “Moya o semumu, o tsebetutu, ke a o laela, tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena hape!”
26. Wa bokolla, wa mo tsukutla habohloko, mme wa tswa; ngwana a ba jwaloka setopo, hoo ba bangata ba ileng ba re o shwele.