Mareka 9:1-15 BIBELE (SSO89SO)

1. Jesu a re ho bona: “Kannete ke a le bolella, ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu, ho fihlela ba bona Mmuso wa Modimo o etla ka matla.”

2. Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, a ya le bona thabeng e telele ba le bang, boinotshing. A fetoha tshobotsi a le pela bona;

3. diaparo tsa hae tsa qala ho benya, tsa eba tshweu bja! ka mokgwa oo ho se nang sehlatswi se lefatsheng se ka tsebang ho sweufatsa hakaalo.

4. Elia le Moshe ba iponahatsa ho bona ba ntse ba bua le Jesu.

5. Petrose a re ho Jesu: “Moruti, ke hantle ha re le mona; a re hlomeng maphephe a mararo, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia.”

6. A se ke a tseba hore na a ka reng, hobane ba ne ba tshohile haholo.

7. Leru la hlaha, la ba kgurumetsa, mme lentswe le tswang lerung la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, mo mameleng.”

8. Hanghang ha ba qamaka, ba se ke ba bona motho ya nang le bona haese Jesu feela.

9. Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya hore ba se ke ba phetela motho tseo ba di boneng, haese ha Mora Motho a se a tsohile bafung.

10. Ba mamela taelo eo, ba ntse ba ipotsa hore na ho tsoha bafung ke ho reng.

11. Ba mmotsa, ba re: “Ke hobaneng ha Ditsebi tsa Molao di re, Elia eka kgona a tle pele?”

12. A re ho bona: “Ehlile Elia o tla tla pele ho busetsa dintho tsohle madulong; athe ho ngotswe jwang ka Mora Motho hore o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, le ho nyediswa?

13. Empa ke a le bolella: Elia o ile a tla, mme ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng, jwalokaha ho ngotswe ka yena.”

14. Ha ba fihla ho barutuwa, ba bona letshwelehadi le ba teetse hare, le Ditsebi tsa Molao di phea kgang le bona.

15. Hanghang ha letshwele lohle le bona Jesu, la makala haholo, mme la mathela ho yena, la mo dumedisa.

Mareka 9