Mareka 8:31-36 BIBELE (SSO89SO)

31. Jesu a qala ho ba ruta hore eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.

32. A bolela taba eo pepenene. Petrose a mo nkela kathoko, a qala ho mo kgalemela.

33. Jesu ha a reteleha, mme a bona barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: “Tloha kapele ho nna, Satane, hobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”

34. A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.

35. Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa.

36. Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?

Mareka 8