22. Ba fihla Bethesaida. Batho ba tlisa sefofu ho Jesu, mme ba mo rapela hore a se ame.
23. A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse; a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho, a se botsa, a re: “Na ho na le seo o se bonang?”
24. Sa tadima, mme sa re: “Ke bona batho, ba tsamaya e ka difate.”
25. A boela a bea matsoho mahlong a sona, mme sa bona hantle sa fola, sa bona tsohle ka mokgwa o hlakileng esitana le hole.
26. Jesu a se romela habo sona, a re: “O se ke wa kena motseng, wa bolella motho.”
27. Jesu le barutuwa ba hae ba ya metsaneng e mathokong a Sesaria ya Filipi. Tseleng, a botsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Batho ba re ke mang?”
28. Ba mo araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re e mong wa baporofeta.”
29. A ba botsa, a re: “Empa lona le re nna ke mang?”Petrose a re ho yena: “O Kreste.”
30. A ba laya hore ba se ke ba bolella motho ka yena.