Mareka 8:20-32 BIBELE (SSO89SO)

20. “Ha ke ngwathela ba dikete tse nne dinkgwa tse supileng, le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane?”Ba re ho yena: “Tse supileng.”

21. A re ho bona: “Na ha le eso utlwisise?”

22. Ba fihla Bethesaida. Batho ba tlisa sefofu ho Jesu, mme ba mo rapela hore a se ame.

23. A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse; a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho, a se botsa, a re: “Na ho na le seo o se bonang?”

24. Sa tadima, mme sa re: “Ke bona batho, ba tsamaya e ka difate.”

25. A boela a bea matsoho mahlong a sona, mme sa bona hantle sa fola, sa bona tsohle ka mokgwa o hlakileng esitana le hole.

26. Jesu a se romela habo sona, a re: “O se ke wa kena motseng, wa bolella motho.”

27. Jesu le barutuwa ba hae ba ya metsaneng e mathokong a Sesaria ya Filipi. Tseleng, a botsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Batho ba re ke mang?”

28. Ba mo araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re e mong wa baporofeta.”

29. A ba botsa, a re: “Empa lona le re nna ke mang?”Petrose a re ho yena: “O Kreste.”

30. A ba laya hore ba se ke ba bolella motho ka yena.

31. Jesu a qala ho ba ruta hore eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.

32. A bolela taba eo pepenene. Petrose a mo nkela kathoko, a qala ho mo kgalemela.

Mareka 8