Mareka 8:14-28 BIBELE (SSO89SO)

14. Barutuwa ba ne ba lebetse ho inkela bohobe, mme ba se na letho ka sekepeng haese senkgwa se le seng.

15. Jesu a ba laela, a re: “Ebang sedi, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le tomoso ya Heroda!”

16. Ba buisana ba le bang, ba re: “Ke kahobane ha re a tla le bohobe.”

17. Ha a lemoha a re ho bona: “Keng ha le buisana, le re: Ke kahobane ha le a tla le bohobe? Na ha le eso elellwe leha e le ho utlwisisa? Na pelo tsa lona di sa thatafetse?

18. Le na le mahlo; na ha le bone? Le na le ditsebe; na ha le utlwe? Na ha le sa hopola

19. hore ha ke ne ke ngwathela ba kete tse hlano dinkgwa tse hlano, na le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane?”Ba re ho yena: “Tse leshome le metso e mmedi.”

20. “Ha ke ngwathela ba dikete tse nne dinkgwa tse supileng, le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane?”Ba re ho yena: “Tse supileng.”

21. A re ho bona: “Na ha le eso utlwisise?”

22. Ba fihla Bethesaida. Batho ba tlisa sefofu ho Jesu, mme ba mo rapela hore a se ame.

23. A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse; a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho, a se botsa, a re: “Na ho na le seo o se bonang?”

24. Sa tadima, mme sa re: “Ke bona batho, ba tsamaya e ka difate.”

25. A boela a bea matsoho mahlong a sona, mme sa bona hantle sa fola, sa bona tsohle ka mokgwa o hlakileng esitana le hole.

26. Jesu a se romela habo sona, a re: “O se ke wa kena motseng, wa bolella motho.”

27. Jesu le barutuwa ba hae ba ya metsaneng e mathokong a Sesaria ya Filipi. Tseleng, a botsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Batho ba re ke mang?”

28. Ba mo araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re e mong wa baporofeta.”

Mareka 8