Mareka 8:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Matsatsing ao, ha letshwelehadi le boetse le phuthehile, le se na seo le ka se jang, Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona:

2. “Ke utlwela batho bana bohloko, hobane ba se ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang.

3. Haeba ke ba qhala ho ya hae ba lapile, ba ka fellwa ke matla tseleng; ebile ba bang ba bona ba tswa hole.”

4. Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: “Ke hokae moo motho a ka fumanelang batho baa bohobe bo ka ba kgorisang moo feelleng?”

5. A ba botsa, a re: “Le na le dinkgwa tse kae?”Ba re: “Tse supileng.”

6. Yaba o laela batho hore ba dule fatshe; a nka dinkgwa tse supileng, a leboha, a nto di ngwatha, a nea barutuwa ba hae hore ba ba abele, yaba ba abela letshwele.

7. Ba ne ba ena le ditlhatswana tse seng kae; yare hoba a di hlohonolofatse, a re le tsona tseo di ajwe.

8. Batho ba eja, ba kgora, yaba ho bokellwa makumane a setseng; a etsa diroto tse supileng.

9. Ba ne ba ka ba kete tse nne. Yaba Jesu o a ba lokolla.

Mareka 8