1. Matsatsing ao, ha letshwelehadi le boetse le phuthehile, le se na seo le ka se jang, Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona:
2. “Ke utlwela batho bana bohloko, hobane ba se ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang.
3. Haeba ke ba qhala ho ya hae ba lapile, ba ka fellwa ke matla tseleng; ebile ba bang ba bona ba tswa hole.”
4. Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: “Ke hokae moo motho a ka fumanelang batho baa bohobe bo ka ba kgorisang moo feelleng?”
5. A ba botsa, a re: “Le na le dinkgwa tse kae?”Ba re: “Tse supileng.”
6. Yaba o laela batho hore ba dule fatshe; a nka dinkgwa tse supileng, a leboha, a nto di ngwatha, a nea barutuwa ba hae hore ba ba abele, yaba ba abela letshwele.
7. Ba ne ba ena le ditlhatswana tse seng kae; yare hoba a di hlohonolofatse, a re le tsona tseo di ajwe.
8. Batho ba eja, ba kgora, yaba ho bokellwa makumane a setseng; a etsa diroto tse supileng.
9. Ba ne ba ka ba kete tse nne. Yaba Jesu o a ba lokolla.
10. Yare hoba a kene ka sekepeng le barutuwa ba hae, a ya naheng ya Dalamanutha.
11. Bafarisi ba tla, ba qala ho phea kgang le yena, mme ka ho mo leka, ba batla hore a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong.
12. Jesu a sisimoloha moyeng, a re: “Moloko ona o batlelang sesupo? Kannete ke a le bolella, moloko ona ha o ka ke wa newa sesupo!”