Mareka 7:4-19 BIBELE (SSO89SO)

4. mme leha ba etswa lebaleng la motse, ba ne ba sa je ba sa itlhatswa; ho bile ho ena le meetlo e meng e mengata eo ba e amohetseng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, dijana le dipitsa tsa lethose.

5. Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba botsa Jesu, ba re: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo, ba eja bohobe ka matsoho a sa hlwekang?”

6. A re ho bona: “Esaya o porofetile hantle ka lona baikaketsi ting, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“ <Setjhaba sena se ntlhomphaka melomo ya sona feela,empa dipelo tsa sonadi hole le nna;

7. se nkgumamella lefeela,empa se ruta dithutotseo e leng ditaelo tsa batho.>

8. “Le tlohetse taelo ya Modimo, le itshwareletse ka meetlo ya batho.”

9. A boela a re ho bona: “Le tseba hantle ho beela taelo ya Modimo kathoko, e le hore le boloke meetlo ya lona!

10. Moshe o itse: <Hlompha ntatao le mmao,> a ba a re: <Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe.>

11. Empa lona le re: <Ha motho a ena le seo a ka thusang ntatae kapa mmae ka sona, feela a re: Hona ke korobane>, ke ho re, <mpho ho Modimo,>

12. ha le sa mo dumella ho etsetsa ntatae kapa mmae letho.

13. Le fetola lentswe la Modimo lefeela ka moetlo wa lona oo le o neeletsanang, mme le etsa tse ngata tse jwalo.”

14. A boela a bitsetsa letshwele ho yena, a re ho lona: “Mmameleng bohle, mme le utlwisise!

15. Ha ho letho le kenang ka ho motho, le etswa kantle ho yena, le ka mo silafatsang, empa tse tswang ka ho yena ke tsona tse mo silafatsang.

16. Haeba motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe!”

17. Yare ha a tloha hara letshwele, a kena ka tlung; barutuwa ba hae ba mmotsa tsa setshwantsho seo.

18. A re ho bona: “Na le lona le hloka kutlwisiso? Na ha le elellwe hore ntho e nngwe le e nngwe e tswang kantle ha e kena ka ho motho e sitwa ho mo silafatsa,

19. hobane ha e kene ka pelong ya hae, empa e kena ka maleng, e nto tswela mohlabeng?” Ka ho rialo a bolela ho hlweka ha dijo tsohle.

Mareka 7