Mareka 7:29-36 BIBELE (SSO89SO)

29. A re ho yena: “Ka baka la polelo ena, ikele, modemona o tswile ho moradi wa hao.”

30. A ya hae, a fumana ngwana a robetse diphateng, mme modemona o tswile.

31. Jesu ha a kgutla sebakeng sa Tire, a boela a ya letsheng la Galelea ka tsela ya Sidone, ka ho haola naha ya Dekapolese.

32. Ba mo tlisetsa monna ya tsebetutu, ya lehwelea, mme ba mo rapela hore a mmee letsoho.

33. Jesu a mo tlosa hara letshwele, a mo nkela thokwana, mme a kenya menwana ya hae ka ditsebeng tsa hae; a tshwela mathe, a ama leleme la hae.

34. A lelalla lehodimong, a fehelwa, a re ho yena: “Efatha!” e leng ho re: “Thiboloha!”

35. Hanghang ditsebe tsa hae tsa thiboloha, leleme la hae la raroloha, mme a bua hantle.

36. Jesu a ba laya ho se bolelle motho, empa leha a ba laile, ba tswela pele ho phatlalatsa taba eo.

Mareka 7