2. Ba bona barutuwa ba bang ba hae ba eja dijo ka matsoho a sa hlwekang, ke ho re a sa hatlelwang.
3. Ho latela moetlo wa baholoholo, Bafarisi le Bajuda bohle ba ne ba sa je ba sa hatlela ka hloko,
4. mme leha ba etswa lebaleng la motse, ba ne ba sa je ba sa itlhatswa; ho bile ho ena le meetlo e meng e mengata eo ba e amohetseng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, dijana le dipitsa tsa lethose.
5. Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba botsa Jesu, ba re: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo, ba eja bohobe ka matsoho a sa hlwekang?”
6. A re ho bona: “Esaya o porofetile hantle ka lona baikaketsi ting, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“ <Setjhaba sena se ntlhomphaka melomo ya sona feela,empa dipelo tsa sonadi hole le nna;
7. se nkgumamella lefeela,empa se ruta dithutotseo e leng ditaelo tsa batho.>
8. “Le tlohetse taelo ya Modimo, le itshwareletse ka meetlo ya batho.”