15. Ha ho letho le kenang ka ho motho, le etswa kantle ho yena, le ka mo silafatsang, empa tse tswang ka ho yena ke tsona tse mo silafatsang.
16. Haeba motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe!”
17. Yare ha a tloha hara letshwele, a kena ka tlung; barutuwa ba hae ba mmotsa tsa setshwantsho seo.
18. A re ho bona: “Na le lona le hloka kutlwisiso? Na ha le elellwe hore ntho e nngwe le e nngwe e tswang kantle ha e kena ka ho motho e sitwa ho mo silafatsa,
19. hobane ha e kene ka pelong ya hae, empa e kena ka maleng, e nto tswela mohlabeng?” Ka ho rialo a bolela ho hlweka ha dijo tsohle.
20. A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang,
21. hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao,
22. le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto.
23. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”
24. Ho tloha moo, Jesu a ya sebakeng sa Tire. A kena ka tlung, mme a lakatsa hore ho se be ya ka tsebang, empa a sitwa ho pateha.
25. Hanghang mosadi eo moradinyana wa hae a neng a ena le moya o ditshila, a mo utlwela, mme a ya, a fihla, a itihela maotong a hae.
26. Mosadi eo e ne e le Mogerike, wa mofuta wa Basiria ba Fenisia; a mo kopa hore a leleke modemona ho moradi wa hae.
27. Jesu a re ho yena: “Lesa bana ba kgore pele, hobane hase hantle hore ho nkwe bohobe ba bana, bo akgellwe dintjanyana.”
28. A araba, a re ho yena: “Morena, le tsona dintjanyana tse tlasa tafole di ja makumane a wang ho bana.”
29. A re ho yena: “Ka baka la polelo ena, ikele, modemona o tswile ho moradi wa hao.”