Mareka 6:4-14 BIBELE (SSO89SO)

4. Jesu a re ho bona: “Moporofeta o hlomphuwa hohle haese motseng wa habo hara bang ka yena, le tlung yabo feela.”

5. A sitwa ho etsa ketso e matla leha e le nngwe moo, haese ho bea bakudi ba seng bakae matsoho, a ba fodisa.

6. A makalla ho se dumele ha batho ba teng.A potoloha le metsana a ntse a ruta.

7. Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi, a ba nea matla hodima meya e ditshila.

8. A ba laela hore ba se ke ba nka letho ha ba eta haese lere feela, ho se be bohobe, kapa mokotlana, leha e le tjhelete ya lethose dipatjheng tsa bona;

9. ba rwale meqathatso, ba se ke ba apara diaparo tse pedi.

10. A re ho bona: “Kae le kae moo le kenang ka tlung le hlole teng ho fihlela le tloha.

11. Ha le etswa sebakeng sefe kapa sefe seo ba sa le amoheleng ho sona, le ho le mamela, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”

12. Hoba ba ye, ba ruta batho hore ba bake;

13. ba leleka bademona ba bangata, mme ba tlotsa bakudi ba bangata ka ole, ba ba fodisa.

14. Kgosi Heroda a utlwa tsena, hobane lebitso la Jesu le ne le tumile. Ho ne ho thwe Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka yena.

Mareka 6