Mareka 6:37-50 BIBELE (SSO89SO)

37. Empa a ba araba, a re: “Ba fepeng e le lona!”Ba re ho yena: “Na re ka ya reka bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, ra ba fepa na?”

38. Yena a re ho bona: “Le na le dinkgwa tse kae? Eyang, le bone!”Ha ba se ba fumane, ba re: “Di hlano, le ditlhapi tse pedi.”

39. A laela barutuwa hore ba dudise batho kaofela ka dihlophahlopha jwanng bo botalana.

40. Ba dula ka maqulwaqulwana a ba lekgolo, le ba mashome a mahlano.

41. A nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha bohobe, a bo nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le ditlhapi tse pedi a di arolela bohle.

42. Bohle ba eja, ba kgora,

43. yaba ho bokellwa makumane le marathana a ditlhapi a ileng a tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.

44. Ba jeleng bohobe e ne e le banna ba kete tse hlano.

45. Kapelepele Jesu a laela barutuwa ba hae ho kena ka sekepeng, ho mo etella pele ho ya mose Bethesaida, ha yena a ntse a qhala letshwele.

46. Hoba a ba dumedise, a ya thabeng ho rapela.

47. Mantsiboya, sekepe se ne se le bohareng ba letsha, yena a le nnotshi lebopong.

48. A bona hore ba soka haboima, hobane ba ne ba tobane le moya. Ha e batla e eba kameso, a ya ho bona a tsamaya hodima letsha, a ilo ba feta.

49. Empa ha ba mmona a tsamaya hodima letsha, ba hopola hore ke sethotsela, mme ba bokolla,

50. hobane ba ne ba mmona bohle, mme ba tshoha.Empa a phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo, ke nna; se tshabeng!”

Mareka 6