Mareka 6:31-42 BIBELE (SSO89SO)

31. A re ho bona: “Tloong, re yeng nahathothe moo ho leng ngwese, le phomole hanyenyane,” hobane ba tlang le ba tlohang ba ne ba le bangata, mme ba hloka le sebaka sa ho ja.

32. Ba kena ka sekepeng, ba ya nahathothe boinotshing.

33. Bongata ba ba bona ha ba tloha, mme ba ba tseba, yaba batho ba mathela teng hammoho, ba etswa metseng yohle, ba ba fihlela pele.

34. Jesu ha a etswa ka sekepeng, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse hlokang modisa, mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.

35. Ha letsatsi le se le ile, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme letsatsi le se le ile;

36. lokolla batho, ba tle ba yo ithekela seo ba ka se jang metseng le metsaneng e re teetseng hare.”

37. Empa a ba araba, a re: “Ba fepeng e le lona!”Ba re ho yena: “Na re ka ya reka bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, ra ba fepa na?”

38. Yena a re ho bona: “Le na le dinkgwa tse kae? Eyang, le bone!”Ha ba se ba fumane, ba re: “Di hlano, le ditlhapi tse pedi.”

39. A laela barutuwa hore ba dudise batho kaofela ka dihlophahlopha jwanng bo botalana.

40. Ba dula ka maqulwaqulwana a ba lekgolo, le ba mashome a mahlano.

41. A nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha bohobe, a bo nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le ditlhapi tse pedi a di arolela bohle.

42. Bohle ba eja, ba kgora,

Mareka 6