29. Ha barutuwa ba Johanne ba utlwa hona, ba tla, ba nka setopo sa hae, ba se epela lebitleng.
30. Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mo tsebisa tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng.
31. A re ho bona: “Tloong, re yeng nahathothe moo ho leng ngwese, le phomole hanyenyane,” hobane ba tlang le ba tlohang ba ne ba le bangata, mme ba hloka le sebaka sa ho ja.
32. Ba kena ka sekepeng, ba ya nahathothe boinotshing.