14. Kgosi Heroda a utlwa tsena, hobane lebitso la Jesu le ne le tumile. Ho ne ho thwe Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka yena.
15. Ba bang ba ne ba re ke Elia; ba bang bona ba re ke moporofeta ya jwaloka e mong wa baporofeta.
16. Empa Heroda ha a utlwa, a re: “Johanne eo ke mo kgaotseng hlooho, o tsohile bafung.”
17. Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo hlahlela tjhankaneng ka baka la Herodiase mosadi wa moenae Filipi, eo Heroda a neng a mo nyetse.
18. Johanne o ne a ile a re ho Heroda: “Ha ho dumellwe hore o nyale mosadi wa ngwaneno.”
19. Herodiase o ne a qophile Johanne, mme a rata ho mmolaya, a mpa a sitwa.
20. Heroda o ne a tshaba Johanne ka ho tsebe hore ke monna ya lokileng, ya halalelang, mme a mo sireletsa. Ha a mo utlwa o ne a tsieleha haholo, le hoja a ne a thabela ho mo utlwa.
21. Nako e lokelang ya fihla, ha Heroda a etsetsa matona a hae, le balaodi ba hae ba mabotho, le batho ba ka sehloohong ba Galelea mokete wa kgopotso ya tswalo ya hae.
22. Hoba moradi wa Herodiase a kene, a etsa motjeko, a kgahlisa Heroda le ba leng dijong le yena. Kgosi ya re ho ngwanana eo: “Nkope eng kapa eng eo o e ratang, mme ke tla o fa yona.”
23. Yaba o a mo hlapanyetsa, o re: “Ke tla o fa eng kapa eng eo o tla nkopa yona, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”