Mareka 6:12-25 BIBELE (SSO89SO)

12. Hoba ba ye, ba ruta batho hore ba bake;

13. ba leleka bademona ba bangata, mme ba tlotsa bakudi ba bangata ka ole, ba ba fodisa.

14. Kgosi Heroda a utlwa tsena, hobane lebitso la Jesu le ne le tumile. Ho ne ho thwe Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka yena.

15. Ba bang ba ne ba re ke Elia; ba bang bona ba re ke moporofeta ya jwaloka e mong wa baporofeta.

16. Empa Heroda ha a utlwa, a re: “Johanne eo ke mo kgaotseng hlooho, o tsohile bafung.”

17. Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo hlahlela tjhankaneng ka baka la Herodiase mosadi wa moenae Filipi, eo Heroda a neng a mo nyetse.

18. Johanne o ne a ile a re ho Heroda: “Ha ho dumellwe hore o nyale mosadi wa ngwaneno.”

19. Herodiase o ne a qophile Johanne, mme a rata ho mmolaya, a mpa a sitwa.

20. Heroda o ne a tshaba Johanne ka ho tsebe hore ke monna ya lokileng, ya halalelang, mme a mo sireletsa. Ha a mo utlwa o ne a tsieleha haholo, le hoja a ne a thabela ho mo utlwa.

21. Nako e lokelang ya fihla, ha Heroda a etsetsa matona a hae, le balaodi ba hae ba mabotho, le batho ba ka sehloohong ba Galelea mokete wa kgopotso ya tswalo ya hae.

22. Hoba moradi wa Herodiase a kene, a etsa motjeko, a kgahlisa Heroda le ba leng dijong le yena. Kgosi ya re ho ngwanana eo: “Nkope eng kapa eng eo o e ratang, mme ke tla o fa yona.”

23. Yaba o a mo hlapanyetsa, o re: “Ke tla o fa eng kapa eng eo o tla nkopa yona, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”

24. Ngwanana a tswa, a re ho mmae: “Ke kope eng?”Mmae a re: “Hlooho ya Johanne Mokolobetsi.”

25. Ngwanana a kena ka ho kgosi ka potlako, a kopa, a re: “Ke rata hore hona jwale o mphe hlooho ya Johanne Mokolobetsi ka mokeke.”

Mareka 6