1. Jesu a tloha moo, a fihla motseng wa habo, mme barutuwa ba hae ba mo latela.
2. Ha Sabatha se fihlile, a qala ho ruta ka tlung ya thapelo, mme ha bongata bo utlwa, ba hlollwa, ba re: “Dintho tsee, eo o di nka kae? Bohlale boo a bo filweng ke bo jwang? O etsa diketso tse matla hakaakang ka matsoho a hae!
3. Na eo hase mmetli wa mapolanka, mora Maria, le ngwanabo Jakobo, le Joseta, le Juda le Simone na? Na dikgaitsedi tsa hae ha di hara rona moo?” Ba kgopiseha ke yena.
4. Jesu a re ho bona: “Moporofeta o hlomphuwa hohle haese motseng wa habo hara bang ka yena, le tlung yabo feela.”
5. A sitwa ho etsa ketso e matla leha e le nngwe moo, haese ho bea bakudi ba seng bakae matsoho, a ba fodisa.
6. A makalla ho se dumele ha batho ba teng.A potoloha le metsana a ntse a ruta.
7. Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi, a ba nea matla hodima meya e ditshila.
8. A ba laela hore ba se ke ba nka letho ha ba eta haese lere feela, ho se be bohobe, kapa mokotlana, leha e le tjhelete ya lethose dipatjheng tsa bona;
9. ba rwale meqathatso, ba se ke ba apara diaparo tse pedi.