Mareka 5:24-43 BIBELE (SSO89SO)

24. Yaba Jesu o ya le yena.A latelwa ke letshwelehadi, le neng le penyane ho yena.

25. Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse,

26. ya neng a sotlilwe haholo ke dingaka, a sentse tsohle tseo a neng a ena le tsona, empa a sa fumana thuso, bohloko bo ntse bo tota.

27. O ne a utlwile tsa Jesu; yaba o tla kamora hae hara letshwele, mme a ama seaparo sa hae.

28. O ne a re: “Leha nka ama diaparo tsa hae feela, ke tla fola.”

29. Hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa, mme a ikutlwa hore bohloko ba hae bo fodile.

30. Yare ha Jesu a hlokomela hore matla a tswile ho yena, a retelehela ho letshwele, a re: “Ke mang ya amileng diaparo tsa ka?”

31. Barutuwa ba hae ba re ho yena: “O a bona hore letshwele le penyane hodima hao, empa o re: <Ke mang ya nkamileng?> ”

32. A thalatsa ka mahlo ho bona ya entseng jwalo.

33. Empa mosadi, ka ho tseba se etsahetseng ho yena, a tla ka tshabo le ka thothomelo, a itihela kapele ho yena, mme a mmolella nnete yohle.

34. Yaba o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, bohloko ba hao bo fole.”

35. Yare a sa ntsane a bua, ha fihla ba tswang lapeng la mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba re: “Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?”

36. Empa Jesu ha a utlwa se bolelwang, a re ho mookamedi wa ntlo ya thapelo: “Se tshabe; dumela feela.”

37. A se ke a dumella motho ho mo felehetsa, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne ngwanabo Jakobo.

38. Ba fihla tlung ya mookamedi wa ntlo ya thapelo, mme a fumana ho le lerata, batho ba lla, ba bokolla haholo.

39. Ha a kena a re ho bona: “Keng ha le tlatsa lerata, le lla? Ngwana ha a ya shwa, o mpa a robetse!”

40. Ba mo ja ditsheho.Yare hoba a ntshetse batho bohle kantle, a nka ntata ngwana le mmae, le bao a nang le bona, a kena le bona kamoo ngwana a leng kateng.

41. Yaba o mo tshwara ka letsoho, o re ho yena: “Talitha, kumi!” e leng ho re: “Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha!”

42. Hanghang ngwanana a ema, a tsamaya. O ne a le dilemo tse leshome le metso e mmedi. Kapelepele ba hlollwa ho qeta.

43. A ba laya ka thata hore ho se be motho ya tsebang hona, yaba o re ba fe ngwanana seo a ka se jang.

Mareka 5