Mareka 5:21-33 BIBELE (SSO89SO)

21. Hoba Jesu a tshelele hape mose wane ka sekepe, letshwelehadi la mmokanela a le pela letsha.

22. E mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, ya bitswang Jairuse, a fihla, mme ha a mmona a itihela maotong a hae,

23. a mo rapela haholo, a re: “Moradi wa ka o lekgatheng la ho shwa; ako tle, o mmee matsoho, hore a tle a fole, mme a phele.”

24. Yaba Jesu o ya le yena.A latelwa ke letshwelehadi, le neng le penyane ho yena.

25. Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse,

26. ya neng a sotlilwe haholo ke dingaka, a sentse tsohle tseo a neng a ena le tsona, empa a sa fumana thuso, bohloko bo ntse bo tota.

27. O ne a utlwile tsa Jesu; yaba o tla kamora hae hara letshwele, mme a ama seaparo sa hae.

28. O ne a re: “Leha nka ama diaparo tsa hae feela, ke tla fola.”

29. Hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa, mme a ikutlwa hore bohloko ba hae bo fodile.

30. Yare ha Jesu a hlokomela hore matla a tswile ho yena, a retelehela ho letshwele, a re: “Ke mang ya amileng diaparo tsa ka?”

31. Barutuwa ba hae ba re ho yena: “O a bona hore letshwele le penyane hodima hao, empa o re: <Ke mang ya nkamileng?> ”

32. A thalatsa ka mahlo ho bona ya entseng jwalo.

33. Empa mosadi, ka ho tseba se etsahetseng ho yena, a tla ka tshabo le ka thothomelo, a itihela kapele ho yena, mme a mmolella nnete yohle.

Mareka 5