Mareka 5:15-26 BIBELE (SSO89SO)

15. Ba tla ho Jesu, mme ba bona monna ya neng a ena le lebotho la bademona a dutse, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha.

16. Ba boneng ba ba bolella se etsahetseng ho ya neng a ena le modemona le ka dikolobe.

17. Yaba ba qala ho rapela Jesu hore a tswe naheng ya bona.

18. Yare ha a kena ka sekepeng, monna ya neng a ena le modemona a kopa hore a tsamaye le yena.

19. Jesu a se ke a mo dumella, a mpa a re ho yena: “Eya hae, ho ba heno, o ba bolelle tsohle tseo Morena a o etseditseng tsona, ka ho o utlwela bohloko.”

20. Yaba o a ikela, mme a phatlalletsa baahi ba Dekapolese dintho tseo Jesu a mo etseditseng tsona, mme batho bohle ba makala.

21. Hoba Jesu a tshelele hape mose wane ka sekepe, letshwelehadi la mmokanela a le pela letsha.

22. E mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, ya bitswang Jairuse, a fihla, mme ha a mmona a itihela maotong a hae,

23. a mo rapela haholo, a re: “Moradi wa ka o lekgatheng la ho shwa; ako tle, o mmee matsoho, hore a tle a fole, mme a phele.”

24. Yaba Jesu o ya le yena.A latelwa ke letshwelehadi, le neng le penyane ho yena.

25. Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse,

26. ya neng a sotlilwe haholo ke dingaka, a sentse tsohle tseo a neng a ena le tsona, empa a sa fumana thuso, bohloko bo ntse bo tota.

Mareka 5