Mareka 5:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba ba fihla ka mose wane ho letsha, naheng ya Bagerasa.

2. Yare ha a etswa ka sekepeng, a re ptjangptjang le monna ya nang le moya o ditshila, a etswa hara mabitla,

3. moo a neng a phela teng, mme ho ne ho se ya ka hlolang a mo tlama le ka ketane,

4. hobane o ne a hlola a tlangwa ka mahlaahlela le ka diketane, ebe diketane o a di ngamolla, mahlaahlela a a kgaole dikotwana. Ho ne ho se ya ka mo hlolang ka matla.

5. Kamehla, bosiu le motsheare, o ne a howa a le hara mabitla le dithabeng, mme a itsheha ka majwe.

6. Yare ha a bona Jesu a sa le hole, a matha, a fihla, a mo kgumamela.

7. A howa ka lentswe le phahameng, a re: “O nkene kang, Jesu, Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke o rapela ka lebitso la Modimo hore o se ke wa ntlhokofatsa.”

8. Jesu o ne a itse ho yena: “Tswa mothong eo, wena moya o ditshila!”

9. Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?”A re ho yena: “Lebitso la ka ke Lebotho, hobane re bangata.”

10. A mo rapela ka matla hore a se ke a ba leleka naheng eo.

11. Ho ne ho ena le mohlapehadi wa dikolobe o neng o fula mosikong wa thaba.

12. Meya e ditshila ya mo kopa, ya re: “Re romele dikolobeng, e le hore re kene ka ho tsona.”

Mareka 5