Mareka 4:7-23 BIBELE (SSO89SO)

7. E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya e bipetsa, ya se ke ya beha.

8. Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, ya mela, ya hola, ya beha, e nngwe tse mashome a mararo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse lekgolo.”

9. Yaba o re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe!”

10. Yare ha a le inotshi, ba neng ba ena le yena, mmoho le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa tsa ditshwantsho tsena.

11. A re ho bona: “Lona le senoletswe sephiri sa Mmuso wa Modimo, empa ho ba kathoko, tsohle di tla ka ditshwantsho,

12. e le hore ba tle“ <ba tadimisie,empa ba sitwe ho bona,ba mamedisise,empa ba sitwe ho utlwa,esere ba tshoha ba baka,mme ba tshwarelwa.> ”

13. Yaba o re ho bona: “Na ha le utlwisise setshwantsho see? Ekaba ditshwantsho tsohle le tla di utlwisisa jwang?

14. Mojadi o jala lentswe.

15. Peo e ka tseleng ke bao lentswe le jalwang ho bona, empa ere hoba ba le utlwe, ebe hanghang Satane o a tla, o tlosa lentswe le jetsweng ho bona.

16. Peo e jetsweng mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa lentswe, ba phakise ba le amohele ka thabo,

17. empa ha ba na metso ka ho bona, ke batho ba mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la lentswe, ba phakisa ho kweneha.

18. Peo e nngwe e jetsweng meutlweng, ke ba utlwang lentswe,

19. empa dikgathatso tsa mehla ya jwale, le thetso ya maruo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di ye di tle di bipetse lentswe, le nyope.

20. “Peo e jetsweng mobung o motle ke ba utlwang lentswe, ba le amohele, mme ba behe, ba bang tse mashome a mararo, ba bang tse mashome a tsheletseng, ba bang tse lekgolo.”

21. Jesu a re ho bona: “Na lebone le ye le tlisetswe ho tla kwahelwa ka nkgo kapa ho bewa tlasa bethe, e seng ho tla bewa sedulwaneng sa lona?

22. Ha ho letho le patilweng le ke keng la hlahela, kapa le sephiri se ke keng sa pepeswa.

23. Haeba motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe!”

Mareka 4