Mareka 4:26-40 BIBELE (SSO89SO)

26. Yaba Jesu o re: “Mmuso wa Modimo o jwalokaha motho a jala peo tshimong;

27. ebe o a robala, a tsohe, bosiu le motsheare, peo e mele, e hole, yena a sa tsebe na e mela jwang.

28. Mobu ka bowona o medisa dijalo: pele ke lekgaba, e be qwapi, e tlo ba matshohlo.

29. Ha koro e butswitse, o e hela hanghang, hobane nako ya kotulo e fihlile.”

30. Jesu a re: “Mmuso wa Modimo re ka o tshwantsha jwang? Re ka o hlalosa ka setshwantsho sefe?

31. O jwaloka tlhaku ya mosetareta, e leng e nyenyane ho feta ditlhaku tsohle ha e jalwa mobung.

32. Empa ha e se e jadilwe e a mela, e be kgolo ho feta ditlama tsohle; e etse makala a maholo, hoo dinonyana tse fofang di ka tsebang ho ahela moriting wa wona.”

33. A ba ruta lentswe ka ditshwantsho tse ngata tse kang sena, ho ya kamoo ba neng ba ka utlwisisa kateng.

34. O ne a sa ke be a bue le bona haese ka setshwantsho, empa lekunutung o ne a hlalosetsa barutuwa ba hae tsohle.

35. Mantsiboyeng a letsatsi lona leo, Jesu a re ho bona: “A re tsheleleng ka mose wane.”

36. Ba tloha hara letshwele, ba ya le yena ka sekepe seo a neng a ntse a le ka ho sona, mme a felehetswa ke dikepe tse ding.

37. Sefefo se matla sa tsoha, maqhubu a phuthumetsehela ka sekepeng, hoo se batlileng se tlala.

38. Jesu o na le karolong e kamorao ya sekepe, a kgalehile mosamong. Ba mo tsosa, ba re ho yena: “Moruti! Na ha o tsotelle ha re timela?”

39. A tsoha, a kgalemela moya, a re ho letsha: “Didimala! Kgutsa!” Moya wa teba, mme ha kgutsa tu!

40. A re ho bona: “Le boi keng? Na ha le eso be le tumelo?”

Mareka 4