Mareka 4:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae a re ho bona:

3. “Mamelang! Mojadi o ile a tswa ho ya jala.

4. Yare ha a ntse a jala, peo e nngwe ya wela ka tseleng, mme dinonyana tsa tla, tsa e ja.

5. E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata; ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba.

6. Yare ha letsatsi le tjhaba la e tjhesa, ya omella, hobane metso e ne e sa teba.

7. E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya e bipetsa, ya se ke ya beha.

8. Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, ya mela, ya hola, ya beha, e nngwe tse mashome a mararo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse lekgolo.”

9. Yaba o re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe!”

10. Yare ha a le inotshi, ba neng ba ena le yena, mmoho le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa tsa ditshwantsho tsena.

11. A re ho bona: “Lona le senoletswe sephiri sa Mmuso wa Modimo, empa ho ba kathoko, tsohle di tla ka ditshwantsho,

12. e le hore ba tle“ <ba tadimisie,empa ba sitwe ho bona,ba mamedisise,empa ba sitwe ho utlwa,esere ba tshoha ba baka,mme ba tshwarelwa.> ”

13. Yaba o re ho bona: “Na ha le utlwisise setshwantsho see? Ekaba ditshwantsho tsohle le tla di utlwisisa jwang?

14. Mojadi o jala lentswe.

Mareka 4