Mareka 4:18-27 BIBELE (SSO89SO)

18. Peo e nngwe e jetsweng meutlweng, ke ba utlwang lentswe,

19. empa dikgathatso tsa mehla ya jwale, le thetso ya maruo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di ye di tle di bipetse lentswe, le nyope.

20. “Peo e jetsweng mobung o motle ke ba utlwang lentswe, ba le amohele, mme ba behe, ba bang tse mashome a mararo, ba bang tse mashome a tsheletseng, ba bang tse lekgolo.”

21. Jesu a re ho bona: “Na lebone le ye le tlisetswe ho tla kwahelwa ka nkgo kapa ho bewa tlasa bethe, e seng ho tla bewa sedulwaneng sa lona?

22. Ha ho letho le patilweng le ke keng la hlahela, kapa le sephiri se ke keng sa pepeswa.

23. Haeba motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe!”

24. A boela a re ho bona: “Hlokomelang seo le se utlwang. Tekanyo eo le lekanyang ka yona le tla lekanyetswa ka yona, mme le be le ekeletswe,

25. hobane ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.”

26. Yaba Jesu o re: “Mmuso wa Modimo o jwalokaha motho a jala peo tshimong;

27. ebe o a robala, a tsohe, bosiu le motsheare, peo e mele, e hole, yena a sa tsebe na e mela jwang.

Mareka 4